Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 48:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Etsoe ba ipolela hore ba tsoa motseng o halalelang,+ ’me ba itšetlehile ka Molimo oa Iseraele,+ eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho.+

  • Jeremia 44:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 “Ka hona utloang lentsoe la Jehova, lōna bohle ba Juda ba lulang naheng ea Egepeta,+ ‘“Bonang! ke hlapantse ka lebitso la ka le leholo,”+ ho boletse Jehova, “hore lebitso la ka ha e sa tla hlola e e-ba ntho e bitsoang ke molomo oa motho leha e le ofe oa Juda,+ a re, ‘Ka ’Musi Morena Jehova ea phelang!’+ naheng eohle ea Egepeta.

  • Jeremia 48:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “‘Moabe e tlatlapuoe, ’me motho o futuhetse metse ea eona.+ Bahlankana ba eona ba khethehileng ba theohetse polaong,’+ ho bolela Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho.+

  • Malakia 1:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 “Ho rohakoe ea sebetsang ka mano ha mohlapeng oa hae ho e-na le phoofolo e tona, ’me a etsa boitlamo le ho etsetsa Jehova sehlabelo ka e senyehileng.+ Etsoe ke ’na Morena e moholo,”+ ho boletse Jehova oa mabotho, “’me lebitso la ka le tla tšabeha har’a lichaba.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela