19 Kahoo moeli oa Mokanana oa e-ba ho tloha Sidone ho ea fihla Gerare,+ haufi le Gaza,+ ho ea fihla Sodoma le Gomora+ le Adma+ le Zeboime,+ haufi le Lasha.
24 Etsoe o ne a behile ka tlas’a hae ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka lehlakoreng lena la Nōka,+ ho tloha Tifsa ho ea Gaza,+ esita le marena ’ohle ka lehlakoreng lena la Nōka;+ a ba le khotso+ sebakeng se seng le se seng sa hae, ka hohle.
6 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘“Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Gaza+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho isa ha bona kholehong sehlopha se feletseng sa baholehuoa+ ho nehelana ka sona ho Edomo.+
5 Ashkelone e tla bona ’me e tšohe; ha e le Gaza, le eona e tla utloa bohloko bo boholo haholo; le Ekrone,+ hobane tšepo ea eona eo e e lebeletseng+ e tla lokela ho hlajoa ke lihlong. Ka sebele morena o tla timetsoa Gaza, ’me Ashkelone e ke ke ea e-ba le baahi.+