6 Jehova o na le sabole; e tla tlala mali;+ e tla tšasoa mafura, mali a lipheleu tse nyenyane le a liphooko, mafura+ a liphio tsa lipheleu. Etsoe Jehova o na le sehlabelo Bozra, le tlhabo e khōlō naheng ea Edomo.+
27 Rinyang lipohoana tsohle tsa eona.+ E se eka li ka theohela tlhabong.+ Li malimabe, etsoe letsatsi la tsona le fihlile, nako ea hore li eloe hloko!+
18 Le tla ja nama ea linatla,+ le noe mali a marenana a lefatše, lipheleu, likonyana tse tona,+ le liphooko, lipohoana,+ liphoofolo tse nontšitsoeng tsa Bashane kaofela ha tsona.+
3 “Bohale ba ka bo tuketse balisa,+ ’me ke tla ahlola litaba+ khahlanong le baeta-pele ba joaloka lipōli;+ etsoe Jehova oa mabotho o lebisitse tlhokomelo ea hae mohlapeng oa hae,+ ba ntlo ea Juda, ’me o ba entse joaloka pere+ ea hae e hlomphehang ntoeng.