25 Joale ba tla lokela ho re, ‘Ke kahobane ba tlohetse selekane+ sa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona, seo a se hlabileng le bona ha a ba ntša naheng ea Egepeta.+
9 Ba tla lokela ho re, ‘Ka lebaka la hore ba tlohetse Jehova Molimo oa bona ea ntšitseng baholo-holo ba bona naheng ea Egepeta,+ ’me ba itšoarella ho melimo+ e meng ’me ba e inamela le ho e sebeletsa. Ke ka lebaka leo Jehova a tlisitseng tlokotsi ena eohle holim ’a bona.’”+
22 Ha u tla be u re ka pelong,+ ‘Ke hobane’ng ha ke hlahetsoe ke lintho tsee?’+ ka lebaka la bongata ba liphoso tsa hao seaparo sa hao se tlositsoe hore se se ke sa u koahela;+ lirethe tsa hao li tšoeroe ka mabifi.
10 “Etlare ha u bolella sechaba sena mantsoe ana ’ohle ’me se re ho uena, ‘Ke ka lebaka lefe Jehova a boletseng tlokotsi ena eohle e khōlō khahlanong le rōna, ’me phoso ea rōna ke efe le sebe seo re sitetsoeng Jehova Molimo oa rōna ka sona ke sefe?’+