Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 13:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 E ke ke ea hlola e e-ba le baahi,+ kapa e be teng molokong o mong ka mor’a o mong.+ Moarabia a ke ke a hloma tente ea hae moo, ’me ha ho balisa ba tla bothisa mehlape ea bona moo.

  • Esaia 14:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 “Ke tla mo etsa se ruiloeng ke linōkō le matamo a nang le lehlaka, ’me ke tla mo fiela ka lefielo la pheliso,”+ ho bolela Jehova oa mabotho.

  • Jeremia 50:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Etsoe sechaba se e futuhetse se tsoa leboea.+ Ke sona se etsang hore naha ea eona e be ntho e makalloang, hoo ho se nang ea lulang ho eona.+ Motho le phoofolo e ruuoang ba balehile.+ Ba tsamaile.”+

  • Jeremia 50:39
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 39 Ka hona baahi ba libaka tse se nang metsi ba tla lula le liphoofolo tse llang, ’me limpshe li tla lula ho eona;+ ha ho sa tla hlola ho luloa ho eona, kapa e be le baahi ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.”+

  • Jeremia 51:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Lefatše le reketle ’me le utloe bohloko bo boholo,+ etsoe mehopolo ea Jehova e hlahile khahlanong le Babylona ho etsa hore naha ea Babylona e be ntho e makalloang, e se nang baahi.+

  • Jeremia 51:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 Babylona e tla fetoha liqubu tsa majoe,+ selao sa liphokojoe,+ ntho e makalloang le ntho e letsetsoang mololi, e se nang moahi.+

  • Tšenolo 18:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 ’me ha ho leseli la lebone leo le ka mohla le tla boela le khanye ho uena, ’me ha ho lentsoe la monyali le la monyaluoa leo le ka mohla le tla boela le utloahale ho uena;+ hobane bahoebi+ ba hao ba tsamaeang e ne e le banna ba boemong bo ka sehloohong+ ba lefatše, kaha ka ho tloaela ha hao ho sebelisana le meea+ lichaba kaofela li ile tsa khelosoa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela