Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 8:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ka hona basali ba bona ke tla ba fa banna ba bang, masimo a bona ke a fe ba hapang;+ etsoe, ho tloha ho e monyenyane ho isa le ho e moholo, e mong le e mong o etsa phaello ea ho hloka toka;+ ho tloha ho moprofeta ho isa le ho moprista, e mong le e mong o etsa ka bolotsana.+

  • Ezekiele 22:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ba nkile tjotjo ho uena ka morero oa ho tšolla mali.+ U nkile phaello+ le tsoala,+ ’me ka mabifi u ntse u fumana phaello+ ho metsoalle ea hao ka bolotsana,+ u ntebetse,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.

  • Ezekiele 33:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Ba tla tla ho uena, joalokaha ho tla sechaba, ba lule ka pel’a hao joaloka batho ba ka;+ ’me ka sebele ba tla utloa mantsoe a hao empa ba ke ke ba a phetha,+ etsoe ba bolela litakatso tse feteletseng ka melomo ea bona ’me lipelo tsa bona li batla phaello ea ho hloka toka.+

  • Luka 16:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Joale Bafarisi, ba neng ba rata chelete, ba ne ba mametse lintho tsena kaofela, eaba ba qala ho mo tšeha ka ho nyefola.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela