Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 41:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Bolelang lintho tse tlang ka mor’a moo, e le hore re tsebe hore le melimo.+ E, le tšoanela ho etsa se molemo kapa le etse bobe, e le hore re talime koana le koana ’me re ho bone ka nako e tšoanang.+

  • Esaia 44:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Baetsi ba setšoantšo se betliloeng kaofela ha bona ke lintho tseo e seng tsa sebele,+ ’me baratuoa ba bona ba ke ke ba e-ba le molemo;+ ’me joaloka lipaki tsa bona ha ba bone letho ’me ha ba tsebe letho,+ e le hore ba hlajoe ke lihlong.+

  • Esaia 45:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “Phuthehang ’me le tle.+ Atamelanang haufi, lōna baphonyohi ba tsoang lichabeng.+ Ba jarang lehong la setšoantšo sa bona se betliloeng ha baa tseba letho, leha e le ba rapelang molimo ea ke keng a pholosa.+

  • 1 Bakorinthe 8:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Joale malebana le ho ja+ lijo tse nyeheloang ho litšoantšo tse rapeloang, rea tseba hore setšoantšo se rapeloang hase letho+ lefatšeng, le hore ha ho na Molimo haese a le mong.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela