20 “Ke na le taba efe le hore ebe le tlisa libano tse tšoeu tse tsoang Sheba+ le lehlaka le letle le tsoang naheng e hōle? Linyehelo tsa lōna tse feletseng tsa secheso ha li khahlise,+ le mahlabelo a lōna ha aa nkhahlisa.”+
22 Empa haeba le nyehela ho ’na linyehelo tse feletseng tsa secheso,+ esita le linyehelo tsa lōna tsa limpho nke ke ka khahlisoa ke tsona,+ ’me nke ke ka talima mahlabelo a lōna a kopanetsoeng a liphoofolo tse nontšitsoeng.+