Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 31:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ruri letsatsing leo bohale ba ka bo tla se tukela,+ ’me ka sebele ke tla se furalla+ ke se patele sefahleho sa ka,+ ’me se tla fetoha ntho e lokeloang ke ho timetsoa; litlokotsi tse ngata le mahlomola li tla se oela holimo,+ ’me se tla tlameha ho re letsatsing leo, ‘Na hase kahobane Molimo oa rōna a se har’a rōna re oetsoeng ke litlokotsi tsee?’+

  • 2 Likronike 15:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ba silakanngoa, sechaba+ se seng khahlanong le se seng le motse o mong khahlanong le o mong, hobane Molimo o ile a ba boloka ba hloka taolo ka mahlomola a mofuta o mong le o mong.+

  • Esaia 27:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ha makalana a oona a omeletse, basali ba kenang ba tla a khethula, ba a bese.+ Etsoe hase sechaba se nang le kutloisiso e matla.+ Ke ka lebaka leo Moetsi oa sona a ke keng a se bontša mohau, le ’Mōpi oa sona a ke keng a se bontša mohau.+

  • Esaia 63:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Empa ba rabela+ ’me ba utloisa moea oa hae o halalelang bohloko.+ Joale a fetoha sera+ sa bona; a ba loantša.+

  • Zakaria 8:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsoe pele ho matsatsi ao ho ne ho sa etsoa hore meputso e be teng bakeng sa moloko oa batho;+ ha e le meputso ea liphoofolo tse ruuoang, ho ne ho se na ntho e kang eo; ’me ho ea tsoang le ho ea kenang ho ne ho se na khotso ka lebaka la mohanyetsi,+ ha ke ntse ke thulanya moloko oohle oa batho e mong khahlanong le e mong.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela