Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 29:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Joale ba tla lokela ho re, ‘Ke kahobane ba tlohetse selekane+ sa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona, seo a se hlabileng le bona ha a ba ntša naheng ea Egepeta.+

  • Baahloli 2:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Kahoo ba tlohela Jehova Molimo oa bo-ntat’a bona ea neng a ba ntšitse naheng ea Egepeta+ eaba ba latela melimo e meng har’a melimo ea lichaba tse neng li ba pota-potile ka hohle+ ’me ba qala ho e inamela, hoo ba ileng ba siteloa Jehova.+

  • Nehemia 9:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 “Leha ho le joalo, ba fetoha ba sa mameleng+ eaba baa u fetohela+ ’me ba ’na ba furalla molao oa hao,+ ba bolaea baprofeta ba hao,+ ba ileng ba paka khahlanong le bona ho ba khutlisetsa ho uena;+ ba tsoela pele ho etsa liketso tse hlomphollang haholo.+

  • Jeremia 2:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Baprista ha baa ka ba re, ‘Jehova o hokae?’+ Ba tšoarang molao ha baa ka ba ntseba;+ balisa ba ntšitetsoe,+ ’me le baprofeta ba profetile ka Baale,+ ’me ba latetse ba neng ba ke ke ba ba tlisetsa molemo.+

  • Jeremia 5:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Nka u tšoarela joang ka ntho ee? Bara ba hao ba ntlohetse, ’me ba ntse ba hlapanya+ ka seo e seng Molimo.+ Ka ’na ka ba khotsofatsa,+ empa ba tsoela pele ho feba,+ ’me ba ea ntlong ea mosali oa letekatse ka lihlopha.

  • Jeremia 22:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Li tla lokela ho re: “Ka lebaka la hore ba tlohetse selekane sa Jehova Molimo+ oa bona ’me ba inametse melimo e meng ’me ba e sebelelitse.”’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela