Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Jehova o tla u tsamaisa+ hammoho le morena+ oa hao eo u mo behileng hore a u okamele a u ise sechabeng seo u sa se tsebeng, uena kapa baholo-holo ba hao; moo u tla lokela ho sebeletsa melimo e meng, ea lehong le ea lejoe.+

  • 2 Marena 24:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Kahoo a isa Jojakine+ kholehong Babylona;+ ’me ’mè+ oa morena le basali ba morena le balaoli+ ba hae ba lekhotla le banna ba ka pele-pele ba naha a ba tsamaisa e le batho ba isitsoeng kholehong ho tloha Jerusalema ho ea Babylona.

  • 2 Marena 25:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ba bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo+ a hae, ’me a foufatsa+ Tsedekia mahlo, ka mor’a moo a mo tlama ka litlamo+ tsa koporo a mo tlisa Babylona.+

  • Esaia 39:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 ‘Ba bang ba bara ba hao ba tlang ho tsoa ho uena, bao u tla ba tsoala, ba tla nkoa+ ’me ba fetohe balaoli+ ba lekhotla ntlong ea ’muso ea morena oa Babylona.’”+

  • Jeremia 52:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Joale ba tšoara morena ’me ba mo tlisa ho morena oa Babylona+ Ribla+ naheng ea Hamathe,+ e le hore a ka phatlalatsa liqeto tsa boahloli holim ’a hae.+

  • Lillo Tsa Jeremia 1:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  6 ’Me ho morali oa Sione ho tsoa botle bohle ba hae.+

      Likhosana tsa hae li tšoana le likhama tse tona tse sa fumanang lekhulo;+

      ’Me li ntse li tsamaea li se na matla ka pel’a ea li lelekisang.+

  • Lillo Tsa Jeremia 4:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Phefumoloho ea linko tsa rōna,+ motlotsuoa oa Jehova,+ e hapuoe ka sekoting sa bona se seholo,+

      Eena eo re itseng ka eena: “Re tla phela moriting+ oa hae har’a lichaba.”+

  • Ezekiele 12:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ka sebele ke tla ala letlooa la ka holim ’a hae, ’me o tla tšoasoa letlooeng la ka la ho tsoma;+ ke tla mo tlisa Babylona, naheng ea Bakalde,+ empa a ke ke a e bona; ’me o tla shoela moo.+

  • Daniele 1:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Joale morena a re Ashpenaze molaoli oa hae oa lekhotla ea ka sehloohong+ a tlise ba bang ba bara ba Iseraele le bana ba lesika la borena le ba marena,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela