Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 34:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 ea bolokelang ba likete mosa o lerato,+ ea tšoarelang phoso le tlōlo le sebe,+ empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong,+ ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara le ho litloholo, ho moloko oa boraro le moloko oa bone.”+

  • Jeremia 13:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ke tla ba thulanya, bo-ntate le bara, ka nako e tšoanang,”+ ho bolela Jehova. “Nke ke ka bontša qenehelo, kapa ka sareloa, ’me nke ke ka ba le mohau oa hore ke se ke ka ba felisa.”’+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  2 Jehova o metsitse, ha aa bontša qenehelo holim ’a libaka tsa bolulo+ leha e le life tsa Jakobo.

      Khalefong ea hae o qhaqhile libaka tse etselitsoeng liqhobosheane+ tsa morali oa Juda.

      O mo kopantse le lefatše,+ o silafalitse ’muso+ le likhosana tsa hae.+

  • Lillo Tsa Jeremia 3:43
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 43 Ka bohale u thibetse hore u se ke ua atameloa,+ ’me u ntse u re lelekisa.+ U bolaile; ha ua bontša qenehelo.+

  • Ezekiele 5:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 “‘Ka hona ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ka sebele ka lebaka la hore u silafalitse sehalalelo sa ka ka lintho tsohle tsa hao tse nyonyehang+ le ka lintho tsohle tsa hao tse manyala,+ ke ’Na ea tla u fokotsa+ le leihlo la ka le ke ke la utloela bohloko+ ’me le ’na nke ke ka bontša qenehelo.+

  • Ezekiele 7:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Leihlo la ka le ke ke la u utloela bohloko,+ kapa ke be le qenehelo, etsoe ke tla tlisa litsela tsa hao holim ’a hao, ’me lintho tsa hao tse manyala li tla ba ka hare ho uena;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela