Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Empa ba ne ba fetola manģosa a Molimo oa ’nete litšeho+ ba sa khaotse ’me ba nyelisa mantsoe+ a hae le ho soma+ baprofeta ba hae, ho fihlela khalefo+ ea Jehova e tlela batho ba hae, ho fihlela ho se na pholiso.+

  • Nehemia 9:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 U lokile+ mabapi le sohle se re etsahaletseng, etsoe u sebelitse ka botšepehi,+ empa ke rōna ba entseng bokhopo.+

  • Jeremia 30:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Bohle ba u ratang haholo ke bona ba u lebetseng.+ Hase uena eo ba ntseng ba mo batla. Etsoe ke u otlile ka chapo ea sera,+ ka chapo ea ea sehlōhō,+ ka lebaka la liphoso tsa hao tse ngata;+ libe tsa hao li ngatafetse.+

  • Lillo Tsa Jeremia 1:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Jehova o lokile,+ etsoe ke fetohetse molomo oa hae.+

      Mamelang, joale, lōna lichaba tsohle, ’me le bone bohloko ba ka.

      Baroetsana ba ka le bahlankana ba ka ba ile kholehong.+

  • Ezekiele 8:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 A tsoela pele ho re ho ’na: “Mor’a motho, na u bone see? Na ke ntho e bobebe hakaalo hore ba ntlo ea Juda ba etse lintho tse manyala tseo ba li entseng mona, hore ba tlatse naha ka pefo+ le hore ba ntšiteloe hape, ’me bona! ba otlollela lehlōmela nkong ea ka?

  • Daniele 9:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Jehova, ho loka ke ha hao, empa ba hlajoang ke lihlong ke rōna joaloka letsatsing lena,+ batho ba Juda le baahi ba Jerusalema le bohle ba Iseraele, ba leng haufi le ba leng hōle linaheng tsohle tseo u ba qhalakanyelitseng ho tsona ka lebaka la ho se tšepahale ha bona ho uena.+

  • Daniele 9:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Jehova, ho ea ka liketso tsohle tsa hao tsa ho loka,+ ka kōpo, e se eka bohale ba hao le khalefo ea hao li ka tloha motseng oa hao Jerusalema, thaba ea hao e halalelang;+ etsoe, ka lebaka la libe tsa rōna le ka lebaka la liphoso tsa baholo-holo ba rōna,+ Jerusalema le sechaba sa hao ke ntho e nyelisehang ho bohle ba re potolohileng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela