Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:65
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 65 Le ke ke la lula ka boiketlo+ har’a lichaba tseo, leha e le hore ho tla ba le sebaka sa phomolo bakeng sa bohato ba maoto a lōna; Jehova o tla le fa lipelo tse thothomelang+ le mahlo a felloang ke matla+ le meea e felloang ke tšepo.

  • Jobo 17:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 Leihlo la ka le fifatsoa+ ke matšoenyeho

      Litho tsa ka kaofela ha tsona li joaloka seriti.

  • Pesaleme 6:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 Leihlo la ka le tepeletse ka lebaka la matšoenyeho,+

      Le tsofetse ka lebaka la bohle ba bontšang bora ho ’na.+

  • Esaia 59:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Re ntse re phopholetsa lebota joaloka lifofu, ’me re ntse re phopholetsa joaloka ba se nang mahlo.+ Re khopiloe motšehare o moholo joalokaha eka ke shoalane; har’a linatla re joaloka batho ba shoeleng.+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Mahlo a ka a felile ke meokho.+ Mala a ka a lubehile.+

      Sebete sa ka se tšolletsoe fatše,+ ka lebaka la ho oa ha morali oa sechaba sa heso,+

      Ka lebaka la ho tepella ha ngoana le ea anyang mapatlelong a motse.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela