Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Kahoo a nyolla morena oa Bakalde+ khahlanong le bona, ea ileng a bolaea bahlankana ba bona ka sabole+ ka tlung ea sehalalelo+ sa bona, hape ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa sekooa.+ A nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe letsohong la hae.

  • Pesaleme 74:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 Ba lahletse sehalalelo sa hao mollong.+

      Ba silafalelitse tabernakele ea lebitso la hao fatše.+

  • Pesaleme 79:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 79 Molimo, lichaba li kene lefeng la hao;+

      Li silafalitse tempele ea hao e halalelang;+

      Li entse Jerusalema qubu ea lithako.+

  • Esaia 63:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Sechaba sa hao se halalelang+ se ile sa rua ka nakoana. Bahanyetsi ba rōna ba hataketse sehalalelo sa hao.+

  • Esaia 64:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ntlo ea rōna ea khalalelo le botle,+ eo baholo-holo ba rōna ba u rorisitseng ho eona,+ e fetohile ntho e chesoang mollong;+ ’me e ’ngoe le e ’ngoe ea lintho tsa rōna tse lakatsehang+ e ripitliloe.

  • Jeremia 52:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 A chesa ntlo ea Jehova+ le ntlo ea morena le matlo ’ohle a Jerusalema;+ ’me ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō a e chesa ka mollo.+

  • Ezekiele 7:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 “‘Ke tla lokela ho retelletsa sefahleho sa ka hōle le bona,+ ’me ba tla silafatsa sebaka sa ka se patehileng, ’me ka sebele masholu a tla kena ho sona ’me a se silafatse.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela