Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 9:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ha Jehova a le ntša Kadeshe-barnea,+ a re, ‘Nyolohang ’me le rue naha eo ka sebele ke tla le fa eona!’ joale la fetohela taelo ea Jehova Molimo oa lōna,+ ’me ha lea ka la bontša tumelo+ ho eena ’me ha lea ka la mamela lentsoe la hae.+

  • Pesaleme 5:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ka sebele Molimo o tla ba nka ba le molato;+

      Ba tla oa ka lebaka la merero ea bona.+

      Ba ke ba qhalakanngoe litlōlong tsa bona tse ngata haholo,+

      Hobane ba u fetohetse.+

  • Pesaleme 107:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Etsoe ba ne ba fetohetse+ lipolelo tsa Molimo;+

      Ba ne ba hlompholotse keletso+ ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa.

  • Esaia 1:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Utloang,+ Lōna maholimo, ’me u mamele, Uena lefatše, etsoe Jehova o buile: “Ke hlokometse bara le ho ba hōlisa,+ empa ba mphetohetse.+

  • Esaia 63:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Empa ba rabela+ ’me ba utloisa moea oa hae o halalelang bohloko.+ Joale a fetoha sera+ sa bona; a ba loantša.+

  • Ezekiele 20:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 “‘“Ba qala ho mphetohela,+ ’me ha baa ka ba lumela ho ’mamela. Ka bomong ha baa ka ba lahla lintho tse nyonyehang tsa mahlo a bona, ’me ha baa ka ba tlohela litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang tsa Egepeta,+ hoo ke ileng ka tšepisa ho tšollela khalefo ea ka holim ’a bona, e le hore ke phethe bohale ba ka holim ’a bona har’a naha ea Egepeta.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela