Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 12:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Le lokela ho felisa ka ho feletseng+ libaka tsohle tseo ho tsona lichaba tseo le li lelekang li neng li sebeletsa melimo ea tsona, lithabeng tse telele le maralleng le tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo.+

  • 1 Marena 14:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Le bona ba ’na ba ikahela libaka tse phahameng+ le litšiea tse halalelang+ le lipalo tse halalelang+ holim ’a leralla+ le leng le le leng le phahameng le tlas’a sefate+ se seng le se seng se behang haholo.

  • Esaia 65:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 bakeng sa liphoso tsa bona le bakeng sa liphoso tsa baholo-holo ba bona ka nako e tšoanang,”+ ho boletse Jehova. “Kahobane ba entse mosi oa sehlabelo holim ’a lithaba, ’me ba ’nyelisitse+ holim ’a maralla,+ le ’na ke tla lekanya moputso oa bona pele ho tsohle lifubeng sa bona.”+

  • Jeremia 2:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “‘Etsoe ke khale ke robile joko ea hao likoto;+ ka khaola marapo a hao. Empa ua re: “Nke ke ka sebeletsa,” etsoe u ne u robala u thakhaletse+ leralleng le leng le le leng le phahameng le ka tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+ u ikentse letekatse.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela