Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 4:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Etsoe Jehova Molimo oa lōna ke mollo o timetsang,+ Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.+

  • Pesaleme 21:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  9 U tla ba etsa joaloka sebōpi sa mollo ka nako e behiloeng ea hore u ba ele hloko.+

      Jehova o tla ba metsa bohaleng ba hae, ’me mollo o tla ba timetsa.+

  • Esaia 30:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 Etsoe Tofethe+ ea hae e behiloe ka tlhophiso ho tloha nakong e sa tsoa feta; hape e lokiselitsoe morena.+ O tebisitse qubu ea eona. Mollo le patsi li ngata. Phefumoloho ea Jehova, joaloka molapo o phoroselang oa sebabole, e tuka khahlanong le eona.+

  • Jeremia 21:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Lōna ba ntlo ea Davida,+ sena ke seo Jehova a se boletseng: “Hoseng+ ho hong le ho hong le ahlole ka toka,+ ’me le lopolle ea tlatlapuoang letsohong la molotsana,+ e le hore khalefo ea ka e se ke ea tsoa joaloka mollo+ ’me ea tuka ’me ha se ke ha e-ba le ea ka e timang ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna.”’+

  • Ezekiele 22:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Joalokaha ho bokelloa silevera le koporo le tšepe+ le loto le thini ka har’a sebōpi, e le hore e ka butsoeloa+ ka mollo ho etsa hore e qhibilihe,+ kahoo ke tla ba bokella bohaleng ba ka le khalefong ea ka, ’me ke tla butsoela ke etse hore le qhibilihe.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela