Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 18:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Joale, bona! u tšepile hore u tla itšetleha ka lehlaka lena le tletleraneng,+ Egepeta,+ leo, haeba motho a ka ikokotlela ka lona, ka sebele le ka mo hlabang seatla ’me le se phunye. Ke tsela eo Faro+ morena oa Egepeta a leng ka eona ho bohle ba mo tšepang.

  • Esaia 30:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Qhobosheane ea Faro ho lōna e tla fetoha lebaka la ho hlajoa ke lihlong,+ ’me setšabelo moriting oa Egepeta e be sesosa sa ho tlotloloha.+

  • Esaia 31:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Leha ho le joalo, Baegepeta ke batho ba lefatše,+ hase Molimo; le lipere tsa bona ke nama,+ hase moea. Jehova o tla otlolla letsoho la hae, ’me ea fanang ka thuso o tla khoptjoa, le ea thusoang o tla oa,+ ’me ka nako e tšoanang kaofela ha bona ba tla fela.

  • Esaia 36:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Bona! U tšepile hore u tla itšetleha ka lehlaka+ lena le tletleraneng, Egepeta,+ leo, haeba motho a ka ikokotlela ka lona, ka sebele le ka mo hlabang seatla ’me le se phunye. Ke tsela eo Faro+ morena oa Egepeta a leng ka eona ho bohle ba mo tšepang.+

  • Ezekiele 17:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ka lebotho le leholo la sesole le ka phutheho e khōlō haholo Faro a ke ke a etsa hore a atlehe ntoeng,+ ka ho qhobela ’mōtōmōtō o thibellang le ka ho haha lerako le thibellang, e le hore a felise meea e mengata.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela