-
Amose 1:11Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
11 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Edomo+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho lelekisa mor’abo ka sabole,+ le hobane o sentse litšobotsi tsa hae tsa mohau,+ ’me bohale ba hae bo ntse bo rusolla ka ho sa feleng; le khalefo ea hae—o e bolokile ka ho sa feleng.+
-
-
Malakia 1:4Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
4 “Kahobane Baedomo ba ntse ba re, ‘Re harasantsoe, empa re tla khutla ’me re hahe libaka tse ripitliloeng,’ sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ba tla haha; empa ke tla qhaqha.+ Ka sebele batho ba tla ba bitsa “naha ea bokhopo” le “batho bao Jehova a ba nyatsitseng+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”
-