Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 22:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Kahoo a re: “Ka sebele ke bona Baiseraele bohle ba hasane+ lithabeng, joaloka linku tse se nang molisa.+ Jehova a tsoela pele ho re: ‘Bana ha ba na benghali. E-re e mong le e mong a khutlele ntlong ea hae ka khotso.’”+

  • Jeremia 23:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ka hona sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng khahlanong le balisa ba lisang sechaba sa ka: “Le hasantse linku tsa ka; la ’na la li qhalakanya, ’me ha lea lebisa tlhokomelo ea lōna ho tsona.”+

      “Bonang! ke lebisa tlhokomelo ea ka ho lōna ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna,”+ ho bolela Jehova.

  • Jeremia 50:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Sechaba sa ka se fetohile mohlape oa libōpuoa tse timelang.+ Balisa ba sona ba entse hore se lelere.+ Ba se tsamaisitse lithabeng.+ Ba tlohile thabeng ba ea leralleng. Ba lebetse sebaka sa bona sa phomolo.+

  • Matheu 9:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Ha a bona bongata a bo hauhela,+ hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.+

  • Mareka 6:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Joale, ha a tsoa, a bona bongata bo boholo, empa a susumetsoa ke khauho+ bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa.+ A qala ho bo ruta lintho tse ngata.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela