Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 51:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Etsoe ka sebele Jehova o tla tšelisa Sione.+ Ka sebele o tla tšelisa libaka tsohle tsa eona tse ripitliloeng,+ ’me o tla etsa hore lefeella la eona le be joaloka Edene+ le thota ea eona ea lehoatata e be joaloka serapa sa Jehova.+ Thabo e khaphatsehang le nyakallo li tla fumanoa ho eona, liteboho le lentsoe la pina ea thoriso.+

  • Esaia 58:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ka tšusumetso ea lōna ka sebele batho ba tla haha libaka tse ripitliloeng nako e telele;+ le tla tsosa metheo ea meloko e tsoelang pele.+ Le tla bitsoa ba lokisang likheo,+ ba tsosolosang litsela tseo ho tla luloa ho tsona.

  • Esaia 61:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ba tla tsosolosa libaka tseo e leng khale li ripitliloe;+ ba tla tsosa masupi a linakong tsa khale,+ ’me ka sebele ba tla nchafatsa metse e ripitliloeng,+ libaka tseo e bileng lesupi ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.

  • Amose 9:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ke tla khutlisa baholehuoa ba batho ba ka ba Iseraele,+ ’me ba tla haha metse e entsoeng lesupi le ho lula ho eona,+ ’me ba leme lirapa tsa morara le ho noa veine ea tsona, ’me ba etse lirapa le ho ja litholoana tsa tsona.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela