5 “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla hlahisetsa Davida lehlōmela le lokileng.+ Ka sebele morena o tla busa+ ’me a etse ka masene ’me a phethise toka le ho loka naheng.+
5 Ka mor’a moo bara ba Iseraele ba tla khutla ’me ka sebele ba batle Jehova Molimo oa bona,+ le morena oa bona Davida;+ ’me ka sebele ba tla tla ba thothomela ho Jehova+ le ho molemo oa hae karolong e qetellang ea matsatsi.+