23 Bara ba Ammone le Moabe ba loantša baahi ba sebaka se lithaba sa Seire+ hore ba ba nehele timetso le ho ba felisa; hang ha ba qetile ka baahi ba Seire, ba thusana hore e mong le e mong a felise oa habo.+
22 Ka sebele ke tla liha terone ea mebuso le ho felisa matla a mebuso ea lichaba;+ ke tla liha koloi le bapalami ba eona, ’me ka sebele lipere le bapalami ba tsona ba tla lihuoa,+ e mong le e mong ke sabole ea mor’abo.’”+
13 “Letsatsing leo pherekano e tsoang ho Jehova e tla ata har’a bona;+ ka sebele, e mong le e mong oa bona o tla tšoara letsoho la motsoalle oa hae, ’me ka sebele letsoho la hae le tla phahama khahlanong le letsoho la motsoalle oa hae.