2 “Bua le Arone le bara ba hae, e le hore ba ipoloke ba arohile linthong tse halalelang tsa bara ba Iseraele ’me ba se ke ba hlompholla lebitso+ la ka le halalelang ka lintho tseo ba li halaletsang bakeng sa ka.+ Ke ’na Jehova.
3 Ba boloke mosebetsi oa bona ho uena le mosebetsi oa bona ho tente eohle.+ Feela ba se ke ba atamela lisebelisoa tsa sebaka se halalelang le aletare hore ba se ke ba shoa,+ bona kapa lōna.