Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 23:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 “U tlise litholoana tse ntlehali tsa pele tse butsoitseng tsa mobu ka tlung ea Jehova Molimo oa hao.+

      “U se ke ua pheha potsanyane ka lebese la ’m ’a eona.+

  • Numere 3:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Etsoe letsibolo le leng le le leng ke la ka.+ Ka letsatsi leo ka lona ke neng ke otla letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta+ ke ile ka halaletsa letsibolo le leng le le leng la Iseraele bakeng sa ka ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo.+ E tla ba a ka. Ke ’na Jehova.”

  • Numere 18:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “Oli eohle e ntlehali le veine eohle e ncha e monate ka ho fetisisa le lijo-thollo, litholoana tsa bona tsa pele,+ tseo ba tla li fa Jehova, ke u file tsona.+

  • Numere 18:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Le tla e balloa e le monehelo oa lōna, joaloka lijo-thollo tsa seotlong+ le joaloka lihlahisoa tse feletseng tsa sehatelo sa veine kapa sa oli.

  • Deuteronoma 18:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Le lokela ho mo fa tsa pele lijo-thollong tsa lōna, veineng ea lōna e ncha le oling ea lōna le boea ba pele bo kutiloeng mohlapeng oa lōna.+

  • 2 Likronike 31:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ho feta moo, a re batho, baahi ba Jerusalema, ba fane ka karolo ea baprista+ le ea Balevi,+ e le hore ba ka khomarela+ molao oa Jehova ka tieo.+

  • 2 Likronike 31:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Joale Azaria+ moprista ea ka sehloohong oa ntlo ea Tsadoke+ a re ho eena, e, a re: “Ho tloha nakong ea ha ba qala ho tlisa monehelo+ ka tlung ea Jehova ho ’nile ha jeoa ha khoroa+ ’me ha sala lintho tse ngata;+ etsoe Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae,+ ’me ho setseng ke lintho tsena tse ngata haholo.”

  • Nehemia 10:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 le ho tlisa litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa naha ea rōna+ le litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa litholoana tsohle tsa sefate+ sa mofuta o mong le o mong, selemo le selemo, ntlong ea Jehova;

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela