Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 31:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Etsoe ’na—ke tseba hantle borabele+ ba lōna le melala ea lōna e sataletseng.+ Haeba kajeno ha ke ntse ke phela le lōna, le fetohetse Jehova,+ joale ho tla ba joalo hakaakang ka mor’a lefu la ka!

  • Nehemia 9:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 “Leha ho le joalo, ba fetoha ba sa mameleng+ eaba baa u fetohela+ ’me ba ’na ba furalla molao oa hao,+ ba bolaea baprofeta ba hao,+ ba ileng ba paka khahlanong le bona ho ba khutlisetsa ho uena;+ ba tsoela pele ho etsa liketso tse hlomphollang haholo.+

  • Pesaleme 78:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  8 Ha baa lokela ho ba joaloka baholo-holo ba bona,+

      Moloko o manganga le o tletseng borabele,+

      Moloko o neng o sa lokisa lipelo tsa oona+

      Oo moea oa oona o neng o sa tšepahale ho Molimo.+

  • Ezekiele 3:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ke entse hore phatla ea hao e be joaloka daemane, e thata ho feta lejoe le thata.+ U se ke ua ba tšaba,+ ’me u se ke ua tšosoa ke lifahleho tsa bona,+ etsoe ke ntlo e tletseng borabele.”+

  • Ezekiele 24:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 U qape polelo ea maele malebana le ba ntlo e tletseng borabele,+ ’me u re ho bona,

      “‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Behang pitsa e molomo o moholo ifo; e beheng ifo, ’me le tšele metsi ka har’a eona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela