Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 18:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ka lebaka leo Jehova a re: “Mohoo oa pelaelo ka Sodoma le Gomora,+ e, o moholo, le sebe sa bona, e, se boima haholo.+

  • Genese 19:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Joale Jehova a nesa sebabole le mollo o tsoang ho Jehova, maholimong, holim ’a Sodoma le holim ’a Gomora.+

  • Deuteronoma 29:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 sebabole le letsoai+ le ho cha,+ hoo tšimo eohle ea eona e ke keng ea jaloa, kapa ea beha, kapa hona hore limela leha e le life li tla mela ho eona, joaloka ho lihuoa ha Sodoma le Gomora,+ Adma+ le Zeboime,+ tseo Jehova a ileng a li liha bohaleng ba hae le khalefong+ ea hae;

  • Deuteronoma 32:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Etsoe sefate sa bona sa morara se tsoa sefateng sa morara sa Sodoma

      Le masimong a Gomora.+

      Merara ea bona ke merara e chefo,

      Masihla a eona aa baba.+

  • Esaia 1:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Utloang lentsoe la Jehova,+ lōna bahatelli+ ba Sodoma.+ Mamelang molao oa Molimo oa rōna, lōna batho ba Gomora.

  • Esaia 3:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ponahalo ea lifahleho tsa tsona e paka khahlanong le tsona,+ ’me li bolela+ sebe sa tsona se kang sa Sodoma. Ha lia se pata. Ho malimabe meea ea tsona! Etsoe li ipaketse tlokotsi.+

  • Jeremia 23:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ke bone lintho tse tšabehang+ ho baprofeta ba Jerusalema, ho feba+ le ho tsamaea leshanong;+ ba matlafalitse matsoho a ba etsang bobe e le hore ba se ke ba khutla,+ e mong le e mong bobeng ba hae. Ho ’na kaofela ha bona ba joaloka Sodoma,+ ’me baahi ba eona ba joaloka Gomora.”+

  • Juda 7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ka ho tšoanang Sodoma le Gomora le metse e li potolohileng,+ ka mor’a hore ka mokhoa o tšoanang le oa mangeloi a boletsoeng pele li etse bohlola ka mokhoa o feteletseng ’me li sale nama morao bakeng sa tšebeliso eo e seng ea tlhaho,+ li behiloe ka pel’a rōna e le mohlala+ o lemosang ka ho feta kotlong ea boahloli ea mollo o sa feleng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela