12 “Ke utloile ho korotla ha bara ba Iseraele.+ Bua le bona, u re, ‘Pakeng tsa lishoalane tse peli le tla ja nama ’me hoseng le tla khora bohobe;+ ’me ka sebele le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’”+
44 Etsoe ke ’na Jehova Molimo oa lōna;+ le ikhalaletse ’me le halalele,+ hobane kea halalela.+ Kahoo le se ke la etsa meea ea lōna hore e be e sa hloekang ka sebōpuoa leha e le sefe se nyekenyehang se tsamaeang holim ’a lefatše.