Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 7:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ke eena ea tla hahela lebitso la ka ntlo,+ ’me ka sebele ke tla tiisa terone ea ’muso oa hae ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

  • Esaia 9:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ho ke ke ha e-ba le bofelo+ bongateng ba puso ea bohosana+ le khotso, teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata+ le ho o tšehetsa ka toka+ le ka ho loka,+ ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.+

  • Ezekiele 37:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Ba tla lula naheng eo ke e fileng mohlanka oa ka, Jakobo, eo baholo-holo ba lōna ba neng ba lula ho eona,+ ’me ba tla lula ho eona,+ bona le bara ba bona le bara ba bara ba bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ ’me mohlanka oa ka Davida e tla ba morenana oa bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

  • Daniele 7:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 A fuoa bobusi+ le ho hlompheha+ le ’muso,+ hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse.+ Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.+

  • Mikea 4:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ka sebele ke tla etsa ea neng a hlotsa masala,+ le ea neng a suthiselitsoe hōle ke mo etse sechaba se matla;+ ’me Jehova o tla busa e le morena oa bona Thabeng ea Sione, ho tloha joale le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

  • Tšenolo 11:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona.+ Ha e-ba le mantsoe a phahameng leholimong, a re: “’Muso oa lefatše o fetohile ’muso oa Morena+ oa rōna le oa Kreste+ oa hae, ’me o tla busa e le morena ka ho sa feleng le kamehla.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela