26 sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Rōla tuku, u rōle moqhaka.+ Hona ho ke ke ha tšoana.+ Phahamisa se tlaase,+ se phahameng u se theolele tlaase.+
27 Ke tla o senya, ke o senye, ke o senye.+ Le oona, ka sebele e ke ke ea e-ba oa motho e mong ho fihlela ho tla ea nang le tokelo ea molao,+ ’me ke tla mo fa eona.’+
31 Ha lentsoe le sa ntse le le molomong oa morena, ha e-ba le lentsoe le theohang maholimong le reng: “Ho thoe ho uena, Morena Nebukadnezare, ‘’Muso o tlohile ho uena,+
20 Empa ha pelo ea hae e ikhohomosa ’me moea oa hae o thatafala, e le hore a ka iketelletsa pele,+ a theoloa teroneng ea ’muso oa hae, ’me a amohuoa ho hlompheha ha hae.+
9 Ka sebele, selepe se se se le metsong ea lifate; ka hona, sefate se seng le se seng se sa hlahiseng litholoana tse ntle se tla rengoa ’me se lahleloe mollong.”+