-
2 Marena 17:11Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
11 moo libakeng tsohle tse phahameng ba tsoela pele ho etsa mosi oa sehlabelo joaloka lichaba+ tseo Jehova a neng a li isitse kholehong ka lebaka la bona, ’me ba ’na ba etsa lintho tse mpe ho siteloa+ Jehova;
-
Ezekiele 6:13Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
13 Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,+ ha ba bolailoeng ba bona ba e-ba har’a litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang,+ ho pota-pota lialetare tsa bona ka hohle,+ holim ’a leralla le leng le le leng le phahameng,+ litlhōrōng tsohle tsa lithaba+ le ka tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo+ le ka tlas’a sefate se seng le se seng se seholo se makala,+ sebakeng seo ho sona ba nyehetseng monko o khathollang ho litšoantšo tsohle tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+
-
-
-