5 “Khutla, ’me u re ho Ezekiase moeta-pele+ oa sechaba sa ka, ‘Sena ke seo Jehova Molimo+ oa moholo-holo oa hao Davida a se boletseng: “Ke utloile+ thapelo ea hao.+ Ke bone meokho ea hao.+ Bona! kea u folisa.+ Ka letsatsi la boraro u tla nyolohela ntlong ea Jehova.+
19 “Bafu ba hao ba tla phela.+ Litopo tsa rōna—li tla tsoha.+ Tsohang ’me le hoeletse ka thabo, lōna ba ahileng lerōleng!+ Kaha phoka+ ea hao e tšoana le phoka ea tika-motse,+ ’me lefatše le tla etsa hore ba se nang matla lefung ba tsoaloe.+
14 ‘Ke tla kenya moea oa ka ho lōna, ’me le tla phela,+ ke tla le beha naheng ea lōna; le tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke boletse ’me ke ho entse,’ ho bolela Jehova.”+