-
Deuteronoma 32:13Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
13 A ’na a mo palamisa libakeng tse phahameng tsa lefatše,+
Hoo a ileng a ja lihlahisoa tsa naha.+
’Me o ’nile a etsa hore a momone mahe a linotši lefikeng,+
Le oli lefikeng le thata;+
-
Nehemia 9:25Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
25 Ba hapa metse e etselitsoeng liqhobosheane+ le mobu o nonneng+ ’me ba rua matlo a tletseng lintho tsohle tse ntle,+ liliba tse chekiloeng,+ lirapa tsa morara le meru ea mohloaare+ le lifate bakeng sa lijo ka bongata, ’me ba qala ho ja le ho khora+ le ho nona+ le ho iketla molemong oa hao o moholo.+
-
-
Luka 15:17Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
17 “Ha a hlaphoheloa kelellong, a re, ‘Ke banna ba bangata hakae ba hiriloeng ba Ntate ba atetsoeng ke bohobe, ha ’na ke bolaoa ke tlala moo!
-
-
-