5 Ruri Jehova Molimo oa hao o tla u tlisa naheng eo bo-ntat’ao ba e ruileng, ’me ka sebele u tla e rua; ruri o tla u etsa se molemo ’me a u atise ho feta bo-ntat’ao.+
15 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Ho sa ntse ho tla rekoa matlo le masimo le lirapa tsa morara naheng ena.’”+
26 Ka sebele ba tla lula ho eona ba sireletsehile+ ’me ba hahe matlo+ le ho hloma lirapa tsa morara,+ ba tla lula ba sireletsehile+ ha ke phethisa liketso tsa kahlolo holim ’a bohle ba ba nyelisang ba ba pota-potileng ka hohle;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona.”’”
14 Ke tla khutlisa baholehuoa ba batho ba ka ba Iseraele,+ ’me ba tla haha metse e entsoeng lesupi le ho lula ho eona,+ ’me ba leme lirapa tsa morara le ho noa veine ea tsona, ’me ba etse lirapa le ho ja litholoana tsa tsona.’+