4 Ka sebele o tla ahlola har’a lichaba+ ’me a lokise litaba+ lichabeng tse ngata.+ Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.+ Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+
9 Ka sebele baahi ba metse ea Iseraele ba tla tsoa ba chese le ho besa mollo ka lihlomo le lithebe tse nyenyane le lithebe tse khōlō,—ka liqha le ka metsu le ka melamu e nang le lintlha tsa tšepe le ka marumo; ’me ba tla besa mollo ka eona+ ka lilemo tse supileng.
10 Ka sebele ke tla felisa koloi ea ntoa Efraime le pere Jerusalema.+ Seqha sa ntoa+ se tla felisoa. O tla bolela khotso lichabeng;+ ’me bobusi ba hae bo tla tloha leoatleng le leng ho ea leoatleng le leng le ho tloha Nōkeng ho ea lipheletsong tsa lefatše.+