Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 13:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsoe linaleli tsa maholimo le lihlopha tsa tsona tsa linaleli tsa Kesile+ li ke ke tsa khanya; letsatsi le tla fifala ha le hlaha, le khoeli e ke ke ea khantša leseli la eona.

  • Joele 3:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Ka sebele letsatsi le khoeli li tla fifala, ’me linaleli li tla honyetsa khanya ea tsona.+

  • Matheu 24:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 “Kapele-pele ka mor’a matšoenyeho a matsatsi ao letsatsi le tla fifala,+ ’me khoeli+ e ke ke ea fana ka leseli la eona, le linaleli li tla oa leholimong, ’me matla a maholimo a tla sisinyeha.+

  • Mareka 13:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 “Empa matsatsing ao, ka mor’a matšoenyeho ao, letsatsi le tla fifala, ’me khoeli e ke ke ea fana ka leseli la eona,

  • Luka 21:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “Hape, ho tla ba le lipontšo letsatsing+ le khoeling le linaleling, ’me lefatšeng lichaba li tla ba matšoenyehong, li sa tsebe tsela ea ho tsoa ka lebaka la ho luma ha leoatle+ le ho tsukutleha+ ha lona,

  • Tšenolo 6:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ka bona ha e bula tiiso ea botšelela, ’me tšisinyeho e khōlō ea lefatše ea e-ba teng; letsatsi la e-ba letšo joaloka lesela la mokotla+ la boea, ’me khoeli eohle ea e-ba joaloka mali,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela