Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 12:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Empa haeba le sa mamele lentsoe la Jehova+ ’me le fetohela taelo ea Jehova,+ ka sebele letsoho la Jehova le tla ba khahlanong le lōna le bo-ntat’a lōna.+

  • 1 Likronike 28:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Uena, mora oa ka Solomone, tseba+ Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse+ ka pelo+ e feletseng le ka moea+ o thabileng; etsoe Jehova o phenya+ lipelo tsohle, ’me o lemoha+ tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea menahano. Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane;+ empa haeba u mo tlohela,+ o tla u lahla ka ho sa feleng.+

  • 2 Likronike 36:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 A chesa ntlo ea Molimo+ oa ’nete le ho heletsa lerako+ la Jerusalema; litora tsohle tsa eona tsa bolulo ba li chesa ka mollo le lintho tsohle tsa eona tse lakatsehang,+ e le hore ba bake tšenyo.+

  • Jeremia 17:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 “‘“Empa haeba le sa ’mamele ka ho halaletsa letsatsi la sabatha le ka ho se jare mojaro,+ empa le kena ka oona lihekeng tsa Jerusalema ka letsatsi la sabatha, ke tla hotetsa mollo lihekeng tsa eona,+ ’me ka sebele o tla chesa litora tsa bolulo tsa Jerusalema+ ’me o ke ke oa tima.”’”+

  • Jeremia 37:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ka sebele Bakalde ba tla khutla ’me ba loantše motse ona ba o hape ’me ba o chese ka mollo.”+

  • Jeremia 52:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 A chesa ntlo ea Jehova+ le ntlo ea morena le matlo ’ohle a Jerusalema;+ ’me ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō a e chesa ka mollo.+

  • Hosea 8:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Iseraele e ile ea qala ho lebala Moetsi+ oa eona ’me ea haha litempele;+ ’me Juda e atisitse metse e etselitsoeng liqhobosheane.+ Ka sebele ke tla romela mollo metseng ea eona ’me o tla chesa litora tsa bolulo tsa e ’ngoe le e ’ngoe.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela