Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 14:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Ho ea ka palo ea matsatsi ao le hloetseng naha ka ’ona, matsatsi a mashome a mane,+ letsatsi bakeng sa selemo, letsatsi bakeng sa selemo,+ le tla arabella liphoso tsa lōna ka lilemo tse mashome a mane,+ etsoe le tla tseba se boleloang ke ho khaohana le ’na.+

  • Deuteronoma 2:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Etsoe Jehova Molimo oa lōna o le hlohonolofalitse mosebetsing o mong le o mong oa matsoho a lōna.+ O tseba hantle ho tsamaea ha lōna ho pholletsa le lefeella lena le leholo. Jehova Molimo oa lōna o ’nile a ba le lōna ka lilemo tsena tse mashome a mane.+ Ha lea haelloa ke letho.”’+

  • Nehemia 9:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ua ba fa lijo lefeelleng ka lilemo tse mashome a mane.+ Ba ne ba sa haelloe ke letho.+ Liaparo tsa bona ha lia ka tsa tsofala,+ le maoto a bona ha aa ka a ruruha.+

  • Liketso 7:42
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 42 Kahoo Molimo a reteleha ’me a nehelana+ ka bona hore ba etsetse lekhotla la leholimo tšebeletso e halalelang, feela joalokaha ho ngoliloe bukeng ea baprofeta,+ ‘Hase ’na eo le ileng la nyehela liphofu le mahlabelo ho eena ka lilemo tse mashome a mane lefeelleng, na ha ho joalo, Lōna ba ntlo ea Iseraele?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela