Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 6:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ka mor’a moo Molimo a re ho Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka,+ hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona; ’me bona! ke tla ba felisa hammoho le lefatše.+

  • Genese 18:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Eaba Jehova o re: “Na ke patela Abrahama seo ke se etsang?+

  • 1 Marena 22:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Joale bona! Jehova o kentse moea o thetsang melomong ea baprofeta bana ba hao bohle;+ empa Jehova o boletse tlokotsi malebana le uena.”+

  • 2 Marena 3:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Le ke ke la bona moea, ’me le ke ke la bona pula ea litloebelele; leha ho le joalo phula eo ea molapo o phoroselang e tla tlala metsi,+ ’me ka sebele le tla noa ho eona,+ lōna le mehlape ea lōna le liphoofolo tsa lōna tse ruuoang.”’

  • 2 Marena 22:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “Ke ka lebaka leo joale ke u nkelang+ ho baholo-holo ba hao, ’me ka sebele u tla nkeloa lebitleng la hao ka khotso,+ ’me mahlo a hao a ke ke a talima tlokotsi eohle eo ke e tlisang sebakeng sena.”’” Eaba ba tlisetsa morena karabo.

  • Pesaleme 25:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang,+

      Le selekane sa hae, e le ho etsa hore ba se tsebe.+

  • Esaia 42:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Lintho tsa pele—bonang! li fihlile,+ empa ke bolela lintho tse ncha. Pele li hlaha, ke etsa hore le li utloe.”+

  • Daniele 9:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 A fana ka kutloisiso ’me a bua le ’na a re:

      “Uena Daniele, joale ke tlil’o etsa hore u be le temohisiso e nang le kutloisiso.+

  • Daniele 11:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Joale ke tla u bolella ’nete:+

      “Bona! Ho sa ntse ho tla ba le marena a mararo a tla ema bakeng sa Persia,+ ’me oa bone+ o tla bokella maruo a maholo ho feta a mang ’ohle.+ Hang ha a se a le matla maruong a hae, o tla tsosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe khahlanong le ’muso oa Greece.+

  • Johanne 15:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Ha ke sa le bitsa makhoba, hobane lekhoba ha le tsebe seo mong’a lona a se etsang. Empa ke le bitsitse metsoalle,+ hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.+

  • Tšenolo 1:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 1 Tšenolo+ ka Jesu Kreste, eo Molimo a ileng a mo fa eona,+ ho bontša makhoba+ a hae lintho tse tla etsahala haufinyane.+ O ile a roma lengeloi+ la hae ’me a e hlahisa ka lipontšo+ ka lona ho lekhoba la hae Johanne,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela