6 Kahoo morena oa Iseraele a phutha baprofeta,+ banna ba ka bang makholo a mane, ’me a re ho bona: “Na ke loantše Ramothe-gileade, kapa ke tlohele?” Ba qala ho re: “Nyoloha,+ ’me Jehova o tla nehelana ka eona letsohong la morena.”
3 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ho malimabe baprofeta ba hlokang kelello,+ ba latelang meea ea bona,+ le hoja ho se letho leo ba le boneng!+
4Baratuoa, le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng,+ empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo,+ hobane baprofeta ba bangata ba bohata ba kene lefatšeng.+