Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 60:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “Ho e-na le hore u be ea tlohetsoeng ka ho feletseng le ea hloiloeng, ho se ea fetang,+ ke tla u beha hore u be ntho eo ho ithorisoang ka eona ho isa nakong e sa lekanyetsoang, thabo e khaphatsehang molokong o mong ka mor’a o mong.+

  • Esaia 61:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ho e-na le lihlong tsa lōna ho tla ba le kabelo e mennoeng habeli,+ ’me ho e-na le tlotlollo ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la kabelo ea bona.+ Ka hona naheng ea bona ba tla rua kabelo e mennoeng habeli.+ Ba tla thaba ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

  • Jeremia 30:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Ha e le uena, u se ke ua tšaba, Uena mohlanka oa ka Jakobo,” ho bolela Jehova, “’me u se ke ua tšoha, Uena Iseraele.+ Etsoe bona! ke u pholosa u le hōle le bana ba hao naheng ea kholeho ea bona.+ Ka sebele Jakobo o tla khutla ’me a se ke a khathatsoa ’me a lule ka boiketlo, ’me ha ho na ea tla baka ho thothomela.”+

  • Jeremia 33:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ka sebele ho ’na o tla fetoha lebitso la thabo e khaphatsehang,+ thoriso le botle ho lichaba tsohle tsa lefatše tse tla utloa ka molemo oohle oo ke ba fang oona.+ Ka sebele li tla tšoha+ li ferekane+ ka lebaka la molemo oohle le ka lebaka la khotso eohle eo ke o fang eona.’”+

  • Ezekiele 39:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Joale ke tla khutlisa baholehuoa ba Jakobo+ ’me ke hauhele bohle ba ntlo ea Iseraele;+ ke tla bontša boinehelo bo khethehileng bakeng sa lebitso la ka le halalelang.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela