12 “Etlare ha Jehova a felisa mosebetsi oohle oa hae Thabeng ea Sione le Jerusalema, ke tla ahlola litaba bakeng sa litholoana tsa nyeliso ea pelo ea morena oa Assyria le boikhantšo ba ho iphahamisa ha mahlo a hae.+
3 Bona! Moassyria, kedare ea Lebanone,+ e makala a matle,+ e makhasi a teteaneng a fanang ka moriti, le e telele,+ hoo ntlha ea eona e ka holimo-limo e neng e le har’a maru.+
11 le eona ke tla nehelana ka eona matsohong a mohatelli oa lichaba.+ Ruri o tla nka bohato khahlanong le eona. Ke tla e leleka ho ea ka bokhopo ba eona.+
5 “Bona! Ke khahlanong le uena,”+ ho bolela Jehova oa mabotho, “ke tla u koahela sefahleho ka moleka oa liaparo tsa hao, ’me ke tla etsa hore lichaba li bone bofeela ba hao,+ ’me mebuso e bone ho hlompholoha ha hao.