15 “Etlare haeba u sa mamele lentsoe la Jehova Molimo oa hao ka hore u ele hloko ho phetha litaelo tsohle tsa hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng tseo ke u laelang tsona kajeno, le bomalimabe bona bohle bo tla tla holim ’a hao ’me bo u fihlele:+
21 Ke buile le uena nakong ea ha u se matšoenyehong.+ U itse, ‘Nke ke ka mamela.’+ Ena e bile tsela ea hao ho tloha bocheng ba hao, etsoe ha ua ka ua mamela lentsoe la ka.+
23 Sa tla ’me sa e rua,+ empa ha sea ka sa mamela lentsoe la hao, ’me ha sea ka sa tsamaea molaong oa hao.+ Ha sea ka sa etsa lintho tsohle tseo u ileng ua laela hore se li etse,+ hoo u ileng ua etsa hore tlokotsi ena eohle e se hlahele.+