20 “Jehova o tla u romela thohako,+ pherekano+ le khalemelo e matla+ mosebetsing o mong le o mong oa hao oo u lekang ho o phetha, ho fihlela u felisitsoe ’me u timetse ka potlako, ka lebaka la bobe ba liketso tsa hao kahobane u mphuraletse.+
8 Etsoe Jerusalema e khopiloe, ’me Juda e oele,+ kahobane maleme a tsona le mesebetsi ea tsona e khahlanong le Jehova,+ ka ho rabela mahlong a khanya ea hae.+
43 Ka sebele le tla hopola litsela tsa lōna+ le mesebetsi eohle ea lōna eo le itšilafalitseng ka eona,+ ’me le tla nyonya lifahleho tsa lōna ka lebaka la lintho tsohle tse mpe tseo le li entseng.+
15 “Bobe bohle ba bona bo ne bo le Gilgale,+ kaha moo ke ile ka lokela ho ba hloea.+ Ke tla ba leleka ka tlung ea ka ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea bona.+ Nke ke ka tsoela pele ho ba rata.+ Likhosana tsohle tsa bona li iketsa tse manganga.+