20 Bonang Sione,+ motse oa liketsahalo tsa rōna tsa mokete!+ Mahlo a hao a tla bona Jerusalema e le sebaka sa bolulo se se nang khathatso, tente eo ho seng ea tla e phutha.+ Ha ho mohla lithakhisa tsa eona tsa tente li tla motsuloa, ’me ha ho thapo le e ’ngoe ea eona e tla khaoloa likoto tse peli.+
26 Ea etsang hore lentsoe la mohlanka oa hae le phethahale, le Ea phethang ka ho feletseng morero oa manģosa a hae;+ Ea reng ka Jerusalema, ‘E tla ba le baahi,’+ le ka metse ea Juda, ‘E tla tsosolosoa,+ ’me ke tla tsosa masupi a eona’;+
10 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Sebakeng sena seo le tla re ke lesupi le se nang motho le phoofolo e ruuoang, metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema tse entsoeng lesupi+ le se nang motho le le se nang moahi le le se nang phoofolo e ruuoang, ho sa ntse ho tla utloahala+
4 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ho sa ntse ho tla lula banna-baholo le basali-baholo mapatlelong a Jerusalema,+ e mong le e mong a tšoere lere+ la hae ka letsohong la hae ka lebaka la bongata ba matsatsi a hae.