Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 14:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, leha e le ho ba laela kapa ho bua le bona.+ Ba bua le lōna ka tsela ea boprofeta ka pono ea bohata le bonohe le ntho ea lefeela+ le ho qhekella ha lipelo tsa bona.+

  • Mareka 13:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Kahoo Jesu a qala ho re ho bona: “Hlokomelang hore ho se ke ha e-ba le ea le khelosang.+

  • Luka 21:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 A re: “Hlokomelang hore le se ke la khelosoa;+ kaha ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re, ‘’Na ke eena,’ hape ba re, ‘Nako e loketseng e atametse.’+ Le se ke la ba sala morao.

  • Bakolose 2:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka+ joaloka phofu ea hae ka filosofi+ le thetso+ ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo+ tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste;

  • 2 Bathesalonika 2:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ho se ke ha e-ba le ea mong ea le ekang ka mokhoa leha e le ofe, hobane le ke ke la tla ntle le hore bokoenehi+ bo tle pele ’me motho ea sa eeng ka molao+ a senolehe,+ mora oa timetso.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela