Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 6:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsa hore lipelo tsa batho bana e be tse sa amoheleng letho,+ ’me u etse hore litsebe tsa bona li se ke tsa arabela,+ u koale mahlo a bona, e le hore ba se ke ba bona ka mahlo a bona le hore ba se ke ba utloa ka litsebe tsa bona, le hore lipelo tsa bona li se ke tsa utloisisa le hore ba se ke ba khutla eaba ba iphumanela pholiso.”+

  • Jeremia 5:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 “Joale, utloang sena, Lōna sechaba se seng bohlale le se se nang pelo:+ Ba na le mahlo, empa ha ba bone;+ ba na le litsebe, empa ha ba utloe.+

  • Ezekiele 12:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “Mor’a motho, u lutse ka har’a ntlo e tletseng borabele,+ e nang le mahlo a ho bona empa a sa bone,+ e nang le litsebe tsa ho utloa empa li sa utloe,+ etsoe ke ntlo e tletseng borabele.+

  • Mareka 4:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 e le hore, le hoja ba talimile, ba ka talima ’me leha ho le joalo ba se ke ba bona, ’me, le hoja ba utloa, ba ka utloa ’me leha ho le joalo ba se ke ba utloisisa, leha e le hore le ka mohla ba ka khutla ’me ba tšoareloa.”+

  • Mareka 8:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 ‘Le hoja le e-na le mahlo, na ha le bone; ’me le hoja le e-na le litsebe, na ha le utloe?’+ ’Me na ha le hopole,

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela