9 Eaba o tsoela pele ho re: “E-ea, ’me u re ho batho bana, ‘Utloang ka ho pheta-pheta, empa le se ke la utloisisa; bonang ka ho pheta-pheta, empa le se ke la ba le tsebo leha e le efe.’+
40 “O foufalitse mahlo a bona ’me o thatafalitse+ lipelo tsa bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo a bona le ho utloisisa ka lipelo tsa bona le ho sokoloha ’me ka ba folisa.”+
26 o re, ‘E-ea ho batho bana ’me u re: “Ka ho utloa, le tla utloa empa ho hang le se ke la utloisisa; ’me, ho talima, le tla talima empa ho hang le se ke la bona.+
8 feela joalokaha ho ngoliloe: “Molimo o ba file moea oa boroko bo tebileng,+ mahlo e le hore ba se ke ba bona le litsebe e le hore ba se ke ba utloa, ho fihlela letsatsing+ lona lena.”
14 Empa matla a bona a kelello a ile a thotofala.+ Etsoe ho fihlela letsatsing lena la kajeno lesira le tšoanang le sala le sa koaholloa ha ho baloa selekane sa khale,+ hobane le felisoa ka Kreste.+