Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 16:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsoe u ke ke ua tlohela moea oa ka Sheole.+

      U ke ke ua lumella ea tšepahalang oa hao hore a bone sekoti.+

  • Esaia 53:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ka lebaka leo ke tla mo fa kabelo har’a ba bangata,+ ’me thepa ea hae e hapuoeng o tla e arolelana le ba matla,+ ka lebaka la hore o tšolotse moea oa hae lefung,+ ’me o ile a balelloa le batlōli;+ o jere libe tsa batho ba bangata,+ ’me a kena lipakeng bakeng sa batlōli.+

  • Matheu 17:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 ba tla mo bolaea, ’me ka letsatsi la boraro o tla tsosoa.”+ Ka lebaka leo ba sareloa haholo.+

  • Matheu 20:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 ’me ba tla nehelana ka eena ho batho ba lichaba hore ba mo fetole litšeho le ho mo shapa le ho mo khokhothela thupeng,+ ’me o tla tsosoa ka letsatsi la boraro.”+

  • Mareka 8:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Hape, a qala ho ba ruta hore Mor’a motho o tla feta litlhokofatsong tse ngata le ho lahloa ke banna ba baholo le baprista ba ka sehloohong le bangoli le ho bolaoa,+ ’me a tsohe matsatsi a mararo hamorao.+

  • Luka 9:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 empa a re: “Mor’a motho o tla feta litlhokofatsong tse ngata le ho lahloa ke banna ba baholo le baprista ba ka sehloohong le bangoli, le ho bolaoa,+ ’me a tsosoe ka letsatsi la boraro.”+

  • Luka 24:46
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 46 eaba o re ho bona: “Ka tsela ena ho ngoliloe hore Kreste o ne a tla utloa bohloko le ho tsoha har’a bafu ka letsatsi la boraro,+

  • 1 Bakorinthe 15:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 le hore o ile a patoa,+ e, hore o tsositsoe+ ka letsatsi la boraro+ ho ea ka Mangolo;+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela